Press Releases

Boeta-pele ba RFP bo supile tsela mabapi le khetho kapa phahamiso ea Bakhothaletsuoa ba tlang ho emela mabatooa ‘ohle a Thalaboliba likhethong tse tlang tsa 2022 ka Mphalane, monongoaha.

Sechaba se tla hopola hore Letšolo lena le thehiloe ka sepheo sa ho fetola sebopeho le tsela eo lipolotiki li atametsoeng ka eona ka lilemo tse ngata naheng ea Lesotho, tseo khabereng li ammeng tsamaiso, phethahatso ea meralo le maano a ntlafatso, kholo ea moruo le khoebo (private sector), tšepo ea batseteli ba machaba naheng ea habo rona, boiketlo ba Sechaba, ekasitana le seriti sa naha ka tsela e bolutu haholo. Read More

edit+xClone Element
Letšolo la Ntlafatso ea Moruo (RFP), le leboha Morena le Sechaba sa Likotsi, MASOWE ka kamohelo e mofuthu ka Sontaha sa la 29 Motšeanong, ha RFP e ne e tšoere seboka sa khakolo ea Mohoo oa Likhetho tsa 2022.

Mongoli e Moholo oa Thalaboliba ea Ntlafatso (RFP), Mofumahatsana Nthati MOOROSI o re seboka sena se ile sa tšoloheloa ka tsela e hlollang ke litilatile tsa Basotho ka likhoro tse ngata tsa toropo ea Maseru, ‘me sena sa ama litšebeletso tse kang phallo ea sephethe-phethe le chebahalo e tloaelehileng ea sebaka sa MASOWE, har’a tse ling. Read More

Boetapele ba RFP bo khotše bolateli moea ka seboka sa mohoo oa RFP
Letšolo la Ntlafatso ea Moruo (RFP), le leboha litho tsohle ka katlehiso ea seboka sa khakolo ea mohoo oa likhetho, se bileng sebakeng sa Likotsi, MASOWE ka Sontaha sa la 29 Motšeanong.
Mongoli e Moholo oa Thalaboliba ea Ntlafatso (RFP), Mofumahatsana Nthati MOOROSI o re balateli ba RFP ka mekhahlelo e fapakaneng e kenyeletsang litho kahare ho naha ea Lesotho, Afrika-Boroa le mose machabeng; likomiti; baithaopi, batšehetsi le metsoalle; ba lokeloa ke tlotlo ka ho itella ho atlehisa seboka sena sa bobeli sa Lets’olo le nang le likhoeli tse tharo feela le thehiloe, haholo ka nako ena ea lirame. Read More

Catergories

Journalist sign-up