27 Phuptjane 2022

Boeta-pele ba RFP bo supile tsela mabapi le khetho kapa phahamiso ea Bakhothaletsuoa ba tlang ho emela mabatooa ‘ohle a Thalaboliba likhethong tse tlang tsa 2022 ka Mphalane, monongoaha.

Sechaba se tla hopola hore Letšolo lena le thehiloe ka sepheo sa ho fetola sebopeho le tsela eo lipolotiki li atametsoeng ka eona ka lilemo tse ngata naheng ea Lesotho, tseo khabereng li ammeng tsamaiso, phethahatso ea meralo le maano a ntlafatso, kholo ea moruo le khoebo (private sector), tšepo ea batseteli ba machaba naheng ea habo rona, boiketlo ba Sechaba, ekasitana le seriti sa naha ka tsela e bolutu haholo.

Seho se llile kajeno. Khoelehetso e phatlalletse le naha hore Basotho bohle bao e leng litho tsa RFP ‘me ba e-na le thahasello ea ho emela Thalaboliba likhethong tsa monongoaha, ba kene mojahong ka tsela e seng e hlalositsoe ke lengolo le potolohang.  Litaba tsa lengolo lena, li tšehetsa boleng ba seo RFP e leng sona, ekasitana le pono kapa chebelo-pele ea Letšolo katamelong ea bosebeletsi.

Le tla hopola hore RFP e lumela ho tokoloho ea sechaba (social liberalism) le boipabolo kapa makhabane (meritocracy). Ke kahoo boetapele bo entseng qeto ea hore Sechaba se be le monyetla oa ho ikhethela baemeli ba sona, ha ka lehlakoreng le leng, karoloana e ‘ngoe ea bathehi ba Letšolo e rongoa kapa ho thonngoa ka kotloloho ke Boetapele ho latela makhabane, le kutloisiso e phethahetseng ea chebelo-pele ea Moetapele le Mothehi oa Letšolo.

Sena, Boetapele bo se ntse kamor’a boimamelo bo tebileng le ho ikholisa hore ha leeto la RFP le sa le sethathong tjena, ke sona se nepahetseng molemong oa katlehiso ea pono le sepheo seo RFP e se thehetsoeng, ekasitana le ho netefatsa hore Thalaboliba ha e tlaile thifa ha e kena pusong.

Boetapele ba RFP bo hlokometse hore katamelo ena ea litaba ha e’ea tloaeleha, empa bo rata ho tiisetsa Basotho hore le teng, ha e’ea fosahala. Ke phetoho e hlokahalang molemong oa khatelo-pele le ho netefatsa hore Lesotho le fumana bosebeletsi bo nang le makhabane le boiphihlelo tse hlokahalang ho tšehetsa phethahatso ea mohoo le maano a RFP.

RFP e lebeletse ka thahasello e kholo ho bona banna le basali ba makhabane ba iketela ho etsa mosebetsi ona oa Sechaba. Re fera ka ho lakaletsa mabatooa ‘ohle a tlang ho kena tšebetsong ea khetho ea bakhothaletsuoa ho sebetsa hamonate, ka katleho.

Re phethela ka hore bohle ba nang le tokelo ea ho khetha, ba lokisetse tokelo eo ea bona le sa sele, ka ho etela litsing tsa ngoliso, tsa IEC.

Moruo Ke bophelo!

————————————————————————————————————————————-

Bakeng la lipotso, kopana le: Mong. Mokhethi SHELILE, Raliphatlalatso oa RFP ho +266 69274385