Letšolo la Ntlafatso ea Moruo (RFP), le leboha Morena le Sechaba sa Likotsi, MASOWE ka kamohelo e mofuthu ka Sontaha sa la 29 Motšeanong, ha RFP e ne e tšoere seboka sa khakolo ea Mohoo oa Likhetho tsa 2022.

Mongoli e Moholo oa Thalaboliba ea Ntlafatso (RFP), Mofumahatsana Nthati MOOROSI o re seboka sena se ile sa tšoloheloa ka tsela e hlollang ke litilatile tsa Basotho ka likhoro tse ngata tsa toropo ea Maseru, ‘me sena sa ama litšebeletso tse kang phallo ea sephethe-phethe le chebahalo e tloaelehileng ea sebaka sa MASOWE, har’a tse ling.

‘Re lemohile hore boholo ba seboka sa rona bo ile ba baka tšetiso ka mekhoa e fapakaneng e kang keketseho ea melumo, tiehiso ea motsamao, le tšilafatso ea tikoloho. Ofisi e ile ea phaka ho hloekisa sebaka sena sa kamohelo ea Letšolo, ‘me re leboha ka botebo bohle ho baahi ba MASOWE ka mamello ea bona le tšebelisano nakong ena.’

Mofts. Moorosi o re kamor’a mosebetsi ona, Boeta-pele ba RFP bo se bo entse boithuto le tlhopho ea ho fenya qholotso ea tšilafatso ea tikoloho le ho bebofatsa tse ling tsa litšebeletso nakong e tlang ea liboka.

Boeta-pele ba RFP bo lakaletsa Sechaba sa MASOWE mariha a hlokang matšoenyeho le boitlhopho bo phethahetseng ba phalliso ea mabitso le ngolisetso ea likhetho tsa 2022, e thakhotsoeng kajeno ke Lekhotla la tsamaiso ea likhetho, IEC.

-pheletso-

————————————————————————————————————————————-

Bakeng sa lipotso le tlhakisetso, letsetsa Mong. Mokhethi SHELILE, Raliphatlalatso oa RFP ho +266 69274385