01 June 2022
Phatlalatso ea litaba: 3/22
Boetapele ba RFP bo khotše bolateli moea ka seboka sa mohoo oa RFP
Letšolo la Ntlafatso ea Moruo (RFP), le leboha litho tsohle ka katlehiso ea seboka sa khakolo ea mohoo oa likhetho, se bileng sebakeng sa Likotsi, MASOWE ka Sontaha sa la 29 Motšeanong.
Mongoli e Moholo oa Thalaboliba ea Ntlafatso (RFP), Mofumahatsana Nthati MOOROSI o re balateli ba RFP ka mekhahlelo e fapakaneng e kenyeletsang litho kahare ho naha ea Lesotho, Afrika-Boroa le mose machabeng; likomiti; baithaopi, batšehetsi le metsoalle; ba lokeloa ke tlotlo ka ho itella ho atlehisa seboka sena sa bobeli sa Lets’olo le nang le likhoeli tse tharo feela le thehiloe, haholo ka nako ena ea lirame.
‘Seboka sena sa khohola-koqo, se neng se tšolohetsoe ke litho tse ka bang likete tse mashome a mararo ho hlaha ka makhalo oohle a naha ea Lesotho, se pepesitse boikemisetso ba Basotho ba ho netefetsa hore likhetho tsa naha ea 2022, e ba tse etsang nalane e ikhethang, ea ho inola naha ena bolibeng ba moruo o putlameng, tlala, bofuma le tlhokahalo ea lintlafatso.’
O re boeta-pele ba Thalaboliba ea Ntlafatso bo ipiletsa ho litho tsohle ho anetsa mohoo oa RFP ka matla le sekhahla, hoohle moo Basotho ba phelang teng, kaha nako e se e lekane motinyane.
Mofts. Moorosi o re Komoti e kholo e etse hloko liqholotso tsohle tse bileng teng mona le mane, tseo tse ling tsa tsona li seng li rarolotsoe, ha tse ling e le mofao oa boithuto o tlang ho sebelisoa hore liboka tsohle tse hlahlamang, li phethahala ka thello.

Mongoli e Moholo o boetse o thatiselletsa mantsoeng a Moetapele oa RFP, Mohl. Sam Ntsokoane MATEKANE hore litho tsohle li sebelise monyetla ona oa khoeli ea Phuptjane, oa ho ngolisetsa ho khetha, le ho ba hlokang ho falisa mabitso a bona ho etela litsing tsa ngoliso tsa lekhotla la tsamaiso ea likhetho, IEC.

Bakeng sa lipotso le tlhakisetso, letsetsa Mong. Mokhethi SHELILE, Raliphatlalatso oa RFP ho +266 69274385