Khetho ea likomiti tsa Mabatooa

Circular Number: 0002/2022

LITHO TSA KOMITI EA NAHA EA LETŠOLO LA NTLAFATSO (RFP)

MAFUMAHALI A LETŠOLO LA NTLAFATSO

BO-NTATE BA LETS’OLO LA NTLAFATSO

BACHA BA LETS’OLO LA NTLAFATSO

TABA: KHETHO EA LIKOMITI TSA MABATOOA TSA                                             LETŠOLO LA NTLAFATSO EA MORUO (RFP)

  1. Ofisi ea Mongoli e moholo e tsebisa mabatooa ohle ka tšebetso ea khetho ea likomiti tsa mabatooa. Likomiti li tla khethoa ka tsela e latelang:
    1. Ts’ebetso ea khetho ea likomiti e tla phethoa ka la 17 ‘Mesa 2022.
    1. Mabatooa oohle a koptjoa ho bokana ka bongata setsing sa khethelo se tla phatlalatsoa ke batsamaisi ba likhetho seterekeng ka seng.
    1. Komiti ea lebatooa e tla khethoa ke borumuoa ba batho ba leshome le metso e mehlano (15) ba tsoang makaleng.
    1. Borumuoa bo tla khetha komiti ea lebatooa bo ipapisitse le lipehelo tse latelang:
      1. Komiti e be le boemeli ba sechaba ka kakaretso (batho ba phelang le bokooa, bacha, basali le banna).
      1. Ho se be litho tse khetheloang komiting, li ne li e-tsoa mokheng o le mong pele li nka botho ba Thalaboliba ea Ntlafatso.
      1. Ho se be litho tsa komiti tse tsoang lekaleng le le leng.  (batho ba sa tsoeng mokheng o le mong pele ba kena tlas’a Thalaboliba).
    1. Ho tsebisoa litho tsohle le balateli ba Thalaboliba ea Ntlafatso hore:
      1. Ha ho mang kapa mang ea lumeletsoeng ho khetha likomiti tsa Thalaboliba a sa lumelloa ka molao ke Komiti e kholo.
    1. Batho bohle ba ntseng ba itlhahisa liphatlalatsong tsa marang-marang, ba ipitsa bakhothlaletsuoa ba tlang ho emela likhetho mabatooeng ka ho fapakana tlasa folakha ea RFP, ba etsa tlolo ea molao oa RFP kaha khetho kapa phahamiso ea bakhothaletsuoa e e-so phatlalatsoe ka molao. Taba ea ho iketela ho emela likhetho tlas’a Thalaboliba ea Ntlafatso ha e e-so hlohonolofatsoe ka molao, ‘me e lokela ho emisa hang-hang.

Moruoooooooooo!

Oa lona Mohlanka,

————————————-

Nthati MOOROSI

Mongoli e moholo

0 replies

Leave a Reply

Want to join the discussion?
Feel free to contribute!

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *